Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (8 rating, 2 votes)
Loading...

Sona, marung o s'a hlaha

1. Sona, marung o s'a hlaha,
Moahloli oa batho!
Oa hlaha. Jo, hoa tšabeha!
Ke tsatsi le bohloko.
Jo 'na, jo 'na,
Ke tsatsi le bohloko!

2. O hlahile ka borena,
Ka mara a maholo;
Jo, o fahla le ka khanya!
Ke tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

3. Le mo tsebeng ka maqeba,
Ke eena, eena Jesu,
O n'a bolaeloe lona.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,..

4. Ka lentsoe le mo tsebile,
A le bitsa haholo.
Empa ke kahlolo joale.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

5. tsebe tsa lona tsohle,
Liphiri, makunutu;
Bukeng tsa hae li ngoliloe.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

6. Na u re'ng, moetsalibe,
U eme kae kajeno,
Baka se se se felile:
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,..

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Sona, marung o s'a hlaha