Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (15 rating, 3 votes)
Loading...

Re siele khotso ea hao

11.10.11.10.

1. Re siele khotso ea hao, Morena,
Tsatsi lena le phethoe ke uena;
Tlosa libe lipelong le melomong,
Ho rona ba u rapelang joale.

2. Re siele khotso ea hao, Morena,
U elise lefifi la rona;
Re phemele likotsi tsa bosiu,
Uena Molisa ea sa otseling!

3. Re siele khotso ea hao, Morena,
Joale, le nakong ea ho oroha;
Khotso ea lefatše re e telile,
Re siele ea hao e sa feleng.

4. Re siele khotso ea hao, Morena,
tšwarelo, hlatsuo, le kamohelo;
Re hlaphole pelo ka khotso ela
E fetisang kutloisiso eohle!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Re siele khotso ea hao