9.8.9.8.D
1 Re roriseng ea re makatsang
Ka lineo tsa boholo!
Ngoan'a pallo ea re tšepisang,
Re mo tsoaletsoe kajeno.
Mora ea ratiloeng hakalo
Re mo teletsoe ke Ntate;
O re etetse ka topollo
Le bophelo bo monate.
2. Ho Jesu boikokobetso
Bo kopane le boholo;
Molimo, Morena oa khotso,
O ikahetse ho batho;
O hlahile ka sebopeho,
Sebopeho sa mohlanka;
Teng e mpa e le tšimoloho
Ea letsatsi la ho loka.
3. Molimo o re lopolotseng
O tumisoe, bana beso!
Khotso e tla busa lefatšeng,
Khotso e tlisoang ke Jesu.
A re tlatsaneng le ba khanyeng
Ho roka ea re tsoaletsoeng;
A re pheteng lialeluya,
Thabo e tlale lefatšeng.
