1. Na u hlompheha hakaakang,
Ngoan'a Morena e motle!
Bona ba u felehetsang,
Ba hoatata hohle-hohle.
2. Ha u lala, u robala,
Lengeloi la Molimo
Le heama ka makhotla
Ho uena, pel'a mosamo.
3. Ana ke tlokotsi efe
E ka bang ea u hlahela?
Mara a makale-kale
A eme, a falimeha.
4. Ha u tsoha, u tsamaea,
Leetong u tsoela pele,
A se a kotoloha,
A ntse a u teetse hare.
5. Ke ba u hlekelang tsela,
Ba u phemisang tsietsi,
Mamena la malumela,
Moo u ka oelang u 'notši.
6. Ba u boloka maoto
Ba u beile liatleng;
Ke ka taelo ea Jesu,
Morena ea u ratileng.
7. U khothahale, ha u mong;
Lira li ka u rorela,
Ba u bolokang leetong
Ke moifi oa linatla.
