10.11.11.10.
1 Na letsatsi le tla nchabela neng
Lee ke kenang le hodimong ka lona,
Ke rorise lebitso la Morena,
Ka motseng oo ke o hlolohetsweng?
2 Fatsheng lena, re ntse re lla hobe,
Re melekong, hare lese ho kula;
Ha ho motho ee tsebang ho phekola,
Bohloko bo kopane le dibe.
3 Lehodimo le hana molato,
Lehodimong dillo tsohle dia fela;
Ha ho lefu; teng bohle ba tla phela,
Lehodimo le loketse batho.
4 Jesu, Jesu, itlele ka ho 'na,
U dule teng, ke allele le wena;
U ntokise, ke phakise ho kena,
Ke o bone, jwale k'a o mpona.

(4 rating, 1 votes)