Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Morena, phutheho ea hao

1. Morena, phutheho ea hao
E soabile joale;
Ba ntseng ba nyelisa melao
Ba re bolaile.

2. Libe li re khomaretse,
Ke lefu le re jang;
U re batlele setlhare
Se ka re folisang.

3. Re lifofu tse sa boneng
Le kamoo li babang,
Tse batlang ho shoela libeng
Le ba sa lumelang.

4. Ho joang ha re ka nyefola
Mali a Konyana,
E tlileng ho re phekola
Ho kuleng ha rona?

5. Ha ho letho le ka salang,
Ha e se kahlolo
Le mollo o timeletsang;
Etlaba ke phetho.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Morena, phutheho ea hao