8.8.8.8.8.8
1. Morena, litšitso tsa hao,
Ha ke li hopola tsohle,
Ke re: U mosa, u mohau, (bis)
U ntsamaisitse hantle. (bis)
2. U mpolokile boseeng,
Har'a likotsi le mafu;
Ke e-so tsebe le eng, (bis)
U ntsebile uena, uena Jesu. (bis)
3. Ho foseng ha bocha ba me,
Tsietsing har'a meleko,
Le lintoeng tsa litakatso, (bis)
U ikentse ntate le 'me'. (bis)
4. Tlaleng u mphile bohobe,
U nkokile ha ke baba;
Hangata ke llile hobe, (bis)
U ntšelisitse ka mehla. (bis)
5. Lintle tsa hao ha li baloe,
Ke u leboha ke hona;
Rato la hao le rorisoe (bis)
Ke bana ba hao kaofela. (bis)

(21 rating, 5 votes)