7.6.7.6.D.
1 Mofapahloho o teng – O se nang ho bola,
E tla ba o aba jereng – Fapano sa bona.
Hlohong, bat la o roesoa – Ke Jesu mohloli:
Ha ba tiisa ho loana, – Ba hlola lefatše.
2 Hlolo e fela e teng – Ho bao ba heso
Ba tiisetsang ka phafeng – Ho loanela Jesu.
Athe ma-tšola-kobo – A sa eeng hlabanong,
Leha a rata hlolo, – A tla ba le lihlong.
3 Tieang, ea rememileng – Ho loana ka matla
O tla re thusa ka ntoeng, – Re be likoaratla.
O se a re hleketse – 'Mila ka bohloko,
O se a re hloletse – Ka ho hlola lefu.
4 A re keng re hopole – Tsa Jesu ka mehla,
Re ke re mo latele – Ka ho mo thabela.
O sile mangeloi, – A tla ka mohau,
A iketsa mohloki – Ho ruisa batho.
5 Inkeleng sefapano! – Ho rona se chatsi;
A re mo saleng morao – Har'a litsietsi;
O re beets mehlala – Ka bophelo ba hae;
Ha re hata ho eona, – Re tla finyella hae.

