11.11.10.D
1 moea oa ka, u rorise Molimo
Ka lipina tse batlang leholimo,
Bitso lena le bokoe ka mehla;
U lebohe paballo ea Morena,
Ka lerato lohle le ka ho uena;
Tsoha joale, u boka ka matla.
2 Libe tsa hao li hlakoloa ke eena,
Oa o tlisa ha lefu le u kena.
U se phake ua oela lebitleng.
Ha u lapa, ahlamisa molomo,
U futisoe monate le molemo,
Bocha ba hao e be bo sa feleng.
3 pelo ea hae ke peloe telele,
E mosa, e sa halefeng kapele;
O khutsisa lentsoe le rohakang
Libe tsa hao, tse tšoaneloang ke kotlo;
O sa ntse a u biletsa letlotlo;
Na mohau ona o mokaakang!
4 o phahame joale ka leholimo!
Isa mahlo ka 'nga ea bochabela,
Bo lekanye le bophirimela;
Libe tsa hao, ha li nkoa ke Morena,
Li lahleloa hole joalo le uena,
li timetsoa ke ea u emelang.
5 Ho joale ka motho ha a hauhela
Bana ba hae, leha ba mo siteloa;
O tsebile hoba re lerole;
Re limela tse phakang ho palesa;
Tse felang hang ha moea o li chesa,
Molora o fefoleloang hole.
6 Se sa feleng ke mosa oa Morena;
Ba mo tšabang ba pholosoa ke eena
Ha ba etsa see a se laelang;
O tla rata litloholo tsa rona,
Ha re tlosa pel'a mahlo a tsona
Libe tsohle le mekhoa e senyang.
