8.7.8.7.D.
1. Mamelang mantsoe a matle,
A binang ka sebakeng!
Na hase a mangeloi
A ahileng ka khanyeng?
A lumelisa ho tsoaloa
Ha 'Moloki oa batho;
A bina li alleluya,
Li alleluia fela.
2. Khanya e be ho Molimo
Maholimong, holimo;
Khotso e be teng lefatšeng,
Batho ba hauheloe!
Tsatsing lena le tsoaletsoe,
Ka motseng oa Davida,
'Moloki, Kreste, Morena:
Alleluya ka mehla!
