1 Lona bakhethoa,
Tlong, lelalang koana holimo.
Tsatsi le lena
La Morena, le leholo!
Jesu o tla hlaha kapele-pele,
Re mo leboheng,
Re mo lebelleng,
Re se re tla 'mona sebele sa hae.
Monghali , tlo kapele!
Lona bakhethoa,
Tlong, lelalang koana holimo,
Tsatsi ke lena
La Morena,le leholo!
2 Siu bo ea sa,
Joa libe le joa matšoenyeho;
Thabang,bakhethoa,
Le ea amohela 'muso!
Fatše lela le letle, le phatsimang,
E be la lona.
Ka mehla-mehla;
Teng le tla nosoa metsi a kholisang.
A liba se phelisang!
Siu bo ea sa,
Joa libe le joa matšoenyeho;
Thabang; bakhethoa
Le ea amohela 'moso!
3 Re tla bona teng
Bana bohle ba ntat'a rona
Ba roetsing phatleng
Mahlakana a konyana.
Mafutsana teng e tla ba barui,
Bafo le bona
E be marena,
Ho tla ba thabo,khotso, le leseli
'Musong oa Mopholosi
Re tla bona teng
Bana bohle be ntat'a rona,
Ba roetseng phatleng
Mahlakana a konyana.
