8.7.8.7.D.
1. Lipelo ha li teane,
Ho phomola Moreneng.
Bana beso, re ratane
Jesu, re mo lateleng!
Ke eena hlooho ea rona,
rona, re litho tsa hae;
Ke Monghali, re baena,
Ke oa rona, re ba hae.
2. Re mo rateng ka pheelo,
'Moloki ea re shoetseng;
Har'a bohloko le lillo
Re 'ne re mo tumiseng.
Re tiiseng le litlamello
Tsa rato la boena.
Hoba ke eona taelo
Ee a re fileng eona.
3. Morena, ha u laetse
Hore rato le be teng,
U tsose hle, u phelise
Litho tsa hao tse shoeleng.
Hotetsa pelo tsa rona
Ka mollo oa lerato;
Teng, bohle ba tla lumela
Hoba re bana ba hao.
