1 Le ntswe la hao, 'Mueledi,
Ke le rutang tsa pwelo;
Ke tshediso, ke lesedi,
Dipelong tsa ba le khalalelo. Bis
2 Ke lebese, ke bohobe;
U mph eke je ka tumelo;
Ke ntse ke lapile hobe,
Ke khore ka tsa bophelo
3 Lentswe lena le mponese,
Le kene, le dule pelong;
Moy'a khanya, o ntemose
Tabeng tsohle tse Mangolong.
4 Ke newe lehlohonolo,
Ke kutlo ya lentswe lena,
Ke be ke bone phomolo
Lehodimong, ho morena.
