1 Libe tsa batho
Li tsoala lefu;
Adam'o tlotse;
Mohlang oo,
Jehova o mo ahlotse.
2 Le rona bohle
Ha re na bottle;
Libe lia re ja,
Ba metse ka metse
Lia re bolaea.
3 Helang, ba heso,
Latelang Jesu,
Le mo mameleng,
A buse ho rona,
'meleng le moeeng.
4 O re tsoaletsoe,
O re hlabetsoe;
Joale re bona
Baka sa poelano
Le Ntat'a rona.
5 Tsohle ke tsa hae.
O khutletse hae
Ho re hlekela
Tulo ho Molimo,
Ho re rapella.
6 Ba se nang uena,
Mong'a marena,
Ba ka phela joang?
Ba lutseng ho uena,
Ke bat la phela.
