Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Le hopotse kae

1 P. Le hopotse kae, ba heso?
Mpolelleng, kea rapela;
Bonang, ho thibane maru,
Lefifi lea tšabeha.
K. Re hopotse fatšeng le hole
Ke lefatše la kanana,
Fatše le ratehang, le letle.
Oho, tsamaea le rona!
Bohle , O, tsamaea le rona,
'Me mohla re fihlang kanana,
Re u fihlele, le uena!

2 P. Taba ke life, ba heso?
Mpolelleng kea rapela,
Le potlakela'ng hakalo?
Ke'ng e tsoang ho le hlahela?
K. Re titimisoa ke letsoalo,
Re bitsitsoe ke morena;
Ha ho monyaka o mokalo,
Ha re hopotsoe ke eena…
Bohle , O, tsamaea le rona,…

3 P. Na le tšepa'ng na, ba heso?
Mpolelleng, kea rapela.
Na le tla bona tse kholo,
Tsee le tla kholoa ke tsona?
K. Re tšepile tse makatsang;
Letlotlo, 'muso, le lefa;
Tse sa boleloeng, tse ratehang;
Lintho tse se nang ho fela.
Bohle, O, tsamaea le rona…

4 P. Ha ho le joalo, ba heso,
Mpolelleng kea rapela,
Le fufuleloa'ng hakalo,
Ha le se le tšoere tsela?
K. Ha re hlobohile lefatše,
Re pheeletse ho loka,
Morena o re lumetse,
Ha hae re se re tla kena.
Bohle, O, tsamaea le rona…

5 P. E, ke lumetse, ba heso,
Ntumelleng, kea rapela;
Kea tsamaea kajeno,
Ha kena ho tsila-tsila.
K. Tlo, re titime ka lebelo,
Lipelo li se khathale;
Re tle re finyelle hammoho
Lefatšeng lela le letle.
Bohle, O, tsamaea le rona…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Le hopotse kae