1 Ketso tsa hao, ntate ,ke rata ho li loka,
Bokhabane ba hao , ho isa boholong ;
Ke tlatsane le ba khanyang ka fela tsa ka
Tsee ke li qapileng pelong. (bis)
2 Lentsoe la Jehova ke le matla hakaang
Le bopa lefatše le tsohle tsa lona :
Linaha, maoatle, le ntho tsohle tse utloang;
Khanya ea lona ke rona. (bis)
3 Athe tse hloliloeng : lefatše , leholimo
Li tla fela le nthotsohle tse lefatšeng,
Empa se sa feteng , ke lentsoe la Molimo
Le bohle ba le lumelang . (bis)

(12 rating, 3 votes)