1. Ke u laba-labetse hakaakang!
Ua nkhapa pelo le mehopolo;
Lebitso la hao, o, Jesu ea ratehang,
Ho 'na ke lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,
Lebitso la hao, o, Jesu ea ratehang,
Ho 'na ke lehlohonolo.
2. U sa phela, u na be u shoele,
U nthuisitse le 'na bophelo;
Ha u nkhopola leholimong le joale,
Ho 'na ke lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,..
3. U sa boea u kaletse maru,
Ka mangeloi le ka phutheho;
Ha ke u boha mohlang oo, uena Jesu,
Ke tla ba lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,..
4. Ha ke tsebe see ke tla ba sona,
Empa ehe, teng ha ho pelaelo;
Ha ke u bona, ke tla tšoana le uena,
E tla ba lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,…
