1. Ke tla bona kae tumelo,
Sebele-bele sa eona,
E sa tsebeng palaelo,
Ho tepella le ho sitoa?
2. Tumelo e hatakelang
Masoabi le litsietsi,
E hlolang, e phahamelang
Mahlomola a lefatše.
3. Tumelo e ka fihlelang
Teroneng ea liholimo,
Tsoho le matla, le busang,
Le letona la Molimo.
4. Oho, ke llela tumelo
E ripitlang le lithaba,
E sa makaleng ka letho,
E khomaretseng Morena.
5. Leha e le hlakunyana
Ea tumelo ea sebele
U mphe, oho, mphe Morena,
Kea hloka, mphe kapele!
