1. Ke ne ke tla re'ng ha Jesu a ka mpotsa
Potso ea mor'a Jona: A ua nthata na?
Ana ke ne ke tla re: Morena, ua tseba,
Kea u rata ka pelo eohle ea ka?
Ruri, ruri, Jesu, kea u rata (bis)
Ua rateha, ua khahleha,
Maratov'ohle a u tsoanela.
2. Ke ne ke tla reng ha Jesu a ka nkopa
Hore ke mo latele le lihlorisong?
Ana ke ne ke tla re: Ho bonolo ho 'na
Ho u latela ho isa le leefung?
Ruri, ruri,…
3. Ke ne ke tla reng ha Jesu a ka nkopa
Hore ke ee ka Evangeli lichabeng?
Na ke ne ke tla re, joale ka moporofeta:
U ka nthomela kae le kae moo u ratang?
Ruri, ruri,…
4. Ho bua joalo na hase boitšepo
Bo tšoanetšeng ho bolaea mong'a Jona?
Ke mpa ke rata ruri ho mo utloa joalo,
Le ho sebetsa thato ea hae ka mehla.
Ruri, ruri,…
