1 Ke fumane bofihla
Bo sieo lefatšeng;
Ke thabo ea ka mehla,
Khotso e sa feteng.
Leha lillo li le teng,
Le lipelaelo.
Ke motho ea thabileng,
Ke sa na le khotso.
Ke thabo fela
Ka pelong ea ka.
Ke thabo fela
Ka pelong ea ka,
Ke thabo fela.
2 Leha ke le masoabing,
Ha ke le bolutu,
Ha ke ea lahlehileng,
Ke san a le Jesu.
Ke eena ea ntšelisang
Ka rato la 'nete;
Ke eena ea mpuisang
Hamonate-nate.
Ke thabo fela…
3 E, ke tsebile mara,
Seliba se babang;
Ka tlisoa teng, ka noesoa
Hangata hakaakang!
Ha ke seka meokho,
Ke noa ka bohloko,
Ka tutubolloa mahlo,
Ka fumana Jesu.
Ke thabo fela…
4 Hang metsi a phekoloa,
'Me a ba monate
Ha ke noesoa ke eena,
Moren'a ka, ntate.
Ka itlhakola lillo,
Ke lihlong ho bua,
Ka mo aka letsoho,
Fuba sa phatloha.
Ke thabo fela…
5 Jesu, hase le bottle!
Ha ke le ho uena,
Meriting o pholileng,
Kea khatholoha.
Lilibeng tsa lerato,
Tse kollang ka mehla,
Ke ikhella nyakallo,
Le khotso le matla.
Ke thabo fela…
