6.6.6.6.8.8.
1 Jesu o Khutletse – Ha hae leholimong;
Lira o di hlotse, – O kene letlotlong;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
2 O butse monyako – O hanneng ho rona;
Bana ba poloko – Ba kena ka oona;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
3 O lutse teroneng – Khanyeng ea Molimo;
O re rapella teng, – Re neoe litulo,
Re lule teng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
4 Jesu o abetsoe – Mebuso kaofela;
Poloko e tlile, – E ke ke ea fela;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
5 Ea tlileng lefatšeng – Ho lopolla batho,
A tsejoe lichabeng, – Li tlosoe melato;
Li kopane le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
6 Lira tse mo hanang – O tla li felisa,
Empa bam o ratang – O tla ba phelisa;
Ba kopane le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!
