Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (27 rating, 7 votes)
Loading...

Jesu Mon'a ka

1. Jesu, Mong'a ka, u filoe borena
Leholimong le lefatšeng,
Kahohle-hohle le ka ho sa feleng.
Ho ea 'ne ho buse uena.

Lebitso la Jesu
Le bokoe, le rorisoe hohle;
Bitso lena la Jesu le ratehang,
Ho rona le letle, le letle

2. Lebitso la hao le tla tuma hohle
Lipheletsong tsa lefatše;
Ho tla 'ne ho hasoe lona le 'notše,
Lebitso la hao le letsle
Lebitso la Jesu, …

3. Merabe-rabe le tsohle liboko,
Ba mefuta ba hloeaneng,
Ba ea kopana ka lentsoe le le leng,
Ho u fapha ka lithoko.
Lebitso la Jesu, …

4. Ha ba u roka, ba neeletsana,
Leholimo ha le khutse;
Le tšwara lithoko tsa ba lefatše,
Ho u tumisa, Morena.
Lebitso la Jesu, …

5. Lebitso la hao a le ke le hole,
Molaoli oa marena!
U filoe 'muso, le hlompho le khanya,
Bohle ba u a nanela.
Lebitso la Jesu, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Jesu Mon'a ka