Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jesu ke utloa ha u re

1 Jesu, ke utloa ha u re:
Ikopeleng, le tla fuoa;
U ntšitse joale, ke khore,
Kamoo ke seng ke tla bua.bis

2 Ke kopa pelo e tšoeu,
E hloileng bobe bohle;
Pelo e sse nang sekheo,
E lapetseng botle fela. Bis

3 Ke kopa le boitelo,
Ke lese ho itaela;
Ke tsamaee ka tumelo,
E se nang ho belaela. Bis

4 Ke kopa pelo e tletseng
Merapelo le teboho,
Pelo e u khomaretseng,
E u tšepang, uena, hloho. Bis

5 Pelo e mosa, ea ngoana,
E bonolo, e telele,
E pheeletseng ho tšoana
Le ea Jesu ka sebele. Bis

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Jesu ke utloa ha u re