7.6.7.6.D.
1 Jesu ke setšabelo – Bohlokong ba pelo,
Mali a hae ke tefo – E lefang melato;
Re mo tšepeng kaofela, – Libe a li tlose;
Bohle ba ka lumela: – O ba lopolotse.
2 Ba lumelang ka 'nete – Ba ka nyaroha ke 'ng?
Ba telang taba tse mpe – Ba lahlehile neng?
Ke bana ba lefatše – Ba ka thothomelang,
Ba hlokang Mopholosi – Ea k aba pholosang.
3 Ha re hloka lefatšeng – Monono oa lona,
Letlotlo le sa botsoeng, – Le teng ho jehova;
Bakhethoa ba 'Moloki – Ba le bona ho shoeng,
Lefa la bapholohi, – lee ba le jang botleng.
4 Re tlisetseng tumelong, – Ha re sa le tlase;
Ho kena leholimong, – Re tele lefatše;
Re kopaneng le Jesu – EA re fang bophelo.

(4 rating, 1 votes)