1 Jesu, ha ke bitsa, – Tlo ho nkhalaletsa;
Moe'a hao, Morena, – O kene ka ho 'na;
Pelo ea ka ke ntlo ea hao: (bis)
U lule teng, uena Mong'a mohau.
2 Ke ntse ke u batla, – U ntlele le matla,
Ke loane le libe – Tse atileng hobe.
Tlo, Mong'a ka, u ntoanele, (bis)
Libe tsohle-tsohle ke li hlole.
3 Leha nka bokella – Maruo kaofela,
Ka tuma haholo – Litsebeng tsa batho,
Lintho tsohle li bosula;(bis)
Ruri ke kholoa ke uena fela
4 Bitso le tumileng – Leha le kaba teng,
E ka ba eng ho 'na – Ha ke se na uena?
Leha lintho li nkatetse. (bis)
Empa moea oa ka o timetse?
