1. Jehova o khabane,
Re mo roriseng kaofela;
A re kopanyeng mantsoe
Ho 'moka, ho mo rapela.
Matla, botle, le mosa (bis)
Li khanya ho Jehova. (bis)
2. Esale a hloleha,
Lintho li e-so ho be teng,
Ha a baloe mengoaha,
O phela ka ho sa feleng;
Rona, ka ho lumela, (bis)
Re tla fihla ho eena. (bis)
3. Mangeloi, holimo,
A 'moka le lirafime;
Ba tlositsoeng tumelong
Ba tlatsa likerubime,
Ba re: Ua halalela, (bis)
Morena oa marena! (bis)
4. Rona ba tsoang kholehong,
Hleka re tla khutsa fela?
Ea shoeleng sefapanong
O re ratile kaofela;
A re 'mokeng lefatšeng, (bis)
Re ntan'o 'moka botleng. (bis)
5. Ba khethiloeng ke uena,
Ba sa hasaneng lefatšeng,
U ba bitse, Morena,
Ba kene bohle lesakeng;
Maoatle le mafatše (bis)
A hloloe ke 'Moloki. (bis)
6. Molimo o renang
Le ho Mor'a oona Jesu,
Le ho Moea o khanyang
Ho isoe thoko tsa pelo,
Hlompho, matla, le botle, (bis)
Joale le mehleng eohle! (bis)
