1 Hosanna hoe a tlang – Lebitsong la Morena
Lerato le chesang – O hlahile ka lona.
Ho rorisoe Jesu – Ea tlileng ho rona,
Ho shoela melato – E imetseng batho batho. (bis)
2 Hosanna! Thabelang – Monghali oa bophelo;
Tsohang ananelang, – Le tle le linyehelo!
Bohle re khumame, – Pina li phahame,
Bongata bo phalle, – Pelo li nyakalle! (bis)
3 Hosanna ho eena – Ea re neang ho loka;
Ke Mong'a marena, – Ea tlang ho re boloka.
A tsoa leholimong, – Ho shoa sefapanong;
O ikentse pheko – Ea libe tsa batho. (bis)
4 Hosanna! Hosanna! – Liphuthehong kaofela
Ho bokoe Morena, – A hlabeloe lifela!
O re tšepisitse; – Pina li loketse
Ba lumetseng bohle. – Ba thabe kahohle. (bis)
5 Hosanna ho Mora! – E, re phela ka eena.
O tlisitse khora, – Mo bineleng hosanna.
Ke fela sa hlolo, – Le thoko ea thabo
E loketseng rona – Bana ba morena. (bis)
