1. Ha ke ne ke itšela ka likhapha,
Ke phatloha ke letsoalo,
Jesu a mpona, a ba a ntšibolla,
A mphelisa, a pha le khotso.
Ke khotso ea Jesu
E fetang le kutlo ea motho.
2. 'Me esale, le joale 'a bojoale,
Ke tsamaea ka nyakallo;
Tsa lefatše ha ke li belaelle,
Moe'a ka o khotsoe ke khotso.
Ke khotso ea Jesu …
3. Leha ke tetema, ke rerekela,
Ke atetsoe ke meleko,
Bohareng ba ka ke ntse ke itketla,
Ka mehla, ka mehla ke khotso.
Ke khotso ea Jesu …
4. Leha ke lla, ke ferekane pelo,
Ke thibane mehopolo,
Sera se nteka habohloko-hloko,
Moe'a ka o nts'o na le khotso.
Ke khotso ea Jesu …
5. Ke monyaka oa ka litšiu tsohle.
Ke fatšeng la matšoenyeho,
Bofumeng, lefung, ha ke belaele,
Ke khotso e tletseng, ke khotso.
Ke khotso ea Jesu …

(4 rating, 1 votes)