11.10.11.10.
1 ha ke fuputsa bukeng ya bophelo,
O Morena le Modimo wa ka!
U nthuse ka moya wa khalalelo,
Ke utloisise taba tsa eona.
2 Polelo tsa hao kaofela, Modimo,
O, ke tse hlabosehang hakaakang!
Di fetisa dinotshi ka molemo
Dipelong tsa ba di chesehelang.
3 di fetisa hole le ka monate
Menono, menyaka e lefatsheng;
Tsena tsohle di tla fela kapele,
Empa tsa lentswe ke tse sa feleng.
4 Ha ke san a ho hlolohelwa tse ding;
Tsa hao, Morena, dia ntekana;
Ha ke mamela, ke kena leseding
Ke nka matla, ke thabela tsona
5 Morena, ke tswa bala tsa Mangolo,
U nthuse jwale ho di boloka,
Le ho etsa kamoo e leng tshwanelo,
Ke tle ke tsebe ho o tlotlisa,
6 E be tsona lebone maotong a ka,
Le mponesang kahohle moo ke yang;
E be sedi le khanyang tseleng ya ka,
Le mpontshang le kamoo ke tsamayang
