Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Faphang Jesu ka lithoko

1. Faphang Jesu ka lithoko;
A rorisoe ke bohle
Ba lichaba-chaba!
Bitso la hae le rorisoe,
O loketsoe ke hlompho eohle.
Khanya, poko
E be tsa hae mehleng eohle!

2. Ho boraro bo teroneng,
Ntate, Mora le Moea,
Moea o Mokhethoa,
Thapelo e nyolohele,
Le mefehelo ea lerato!
Khanya, poko
E be tsa hae mehleng eohle!

3. Tsatsi le tla fihla neneng
Leo re tlang ho 'mona
Ka sebele sa hae?
Re tla bina le mangeloi
Thoko ea 'Moloki oa rona:
Khanya, poko
E be tsa hae mehleng eohle!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Faphang Jesu ka lithoko