Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

E, ke rongoa ke Jesu

1 E, ke rongoa ke Jesu.
Ke thotsoe ke eena;
Ho mo mamela ,
Ho mo phelela,
Ke leseho ho'na;
Moo lefatšeng
Ha ke tse ling.
E, ke rongoa ke Jesu
Ke khotsitse ho eena;
E ke rongoa ke Jesu,
Ke thotse ke eena

2 E ke rongoa ke Jesu
Leha ke se letho;
Ke lehlahana,
Ke otloa eena.
Ho 'na ke tokelo;
Oa ntaela,
Ke tsamaea fela.
E, ke rongoa ke Jesu…

3 E, ke rongoa ke Jesu,
Ke roetsoe ke thabo;
Ho mo tumisa,
Ho mo rorisa,
Ke le hlohonolo.
Ka sebele
Jesu o nthomile.
E, ke rongoa ke Jesu…

4 E, ke rongoa ke Jesu,
Ha ke belaele;
Ha ho le thata,
Ke fufuleloa,
Ke ntse ke thabile;
Jesu o teng,
Jesu ea nthomileng,
E, ke rongoa ke Jesu…

5 E, ke rongoa ke Jesu,
Letsatsi le ile,
Le ea likela.
Siu bo ea tla
Bo se bo fitlhile.
Na ke tla re'ng,
Ho een'a nthomileng?
E, ke rongoa ke Jesu…

6 E, Jesu u nthomile,
'Na ntho e fokolang;
Ke u tšepile, ke u ratile,
Mong'a k'a ratehang.
Ho u rata
Ho 'na ke ho phela.
E, ke rongoa ke Jesu…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

E, ke rongoa ke Jesu