1. E, ka khohlong ea moriti oa lefu
Le 'na ke se ke tla kena;
Ke matšabehong, lefifing le tšo;
Ke mang na ea tla kena le 'na?
Lefifing ha ke sitoa ho bona,
Ke utloa Jesu a re: Ntatele!
Eba tšabo e se e mpalehela,
Leseli le se le hlahile.
Leseli le hlahile,
Leseli le nchabetse le 'na;
Ke tsamaea ka thabo,
Ha ken a le Morena:
Khohlong, leseli le hlahile joale.
2. Har'a khohlo ea moriti oa lefu
Ha ke hlahlathe ke 'notši;
Ea ntseng a nketella pele ke Jesu,
Ke eena ea mphemisang lifi.
Lefifing, ha ke sitoa ho bona,..
3. Ha Jesu a sa ntse a le pel'a ka,
Nka tšaba life le life?
Lipallo tsa hae lia 'matlafatsa,
Ke tsamaea ke mo tšepile.
Lefifing, ha ke sitoa ho bona,..
