Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Butle, butle! Bea pelo ngoan'a ka

11.10.11.10.

1. Butle, butle! Bea pelo, ngoan'a ka,
Butle, butle! Ha 'e-s'o be nako;
Butle! Ke 'na ke tla bona sebaka;
Ke ntse ke u lisa ka lerato.

2. Butle, butle! Leha u tenehile
Ke bothata ba lefatše lena;
Hlolohelo leha e u qetile
Butle! U ntse u hopotse ke 'na.

3. Butle, butle! Leha u le hlorehong,
U kakasa, u jere boima,
Tiisa pelo, u ntse u le sekolong;
Butle! U se ke ua ngongoreha.

4. Butle, butle! U sa le mosebetseneng,
U beehe, u qalife fela;
Ba sa le teng balibe ba timetseng,
e-ea, se ke u aba ua khathala.

5. Butle, butle! U san a le ho mpaka,
U ke ke ua pakeloa ke e mong:
U seemahale sa reko la ka:
Paka, ke u inotse timelong.

6. Butle, butle! Bea pelo, ngoan'a ka;
Mokhathala, bohloko le lillo
Lia feta: ke se ke ea u lata,
U be ho 'na, motseng oa phomolo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

B

Butle, butle! Bea pelo ngoan'a ka