Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Bonang, oa tla, moloki oa batho

1 Bonang , oa tla, 'Moloki oa batho,
O tla pontšeng, a kaletse maru.
Mangeloi, letsang literompeta;
Phuthang bafu, Jesu o s'a ea hlaha.
Alleluya maholimong! (bis)
Fatše le tlisoa kahlolong. (ter)

2 Ba mabitleng ba tsoha ka matla,
Ba leoatleng le bona ba utloa,
Ba tsohela letsatsi la kahlolo,
Le tšabeng, la lillo, la bofelo.
Thothomelang, bas a lokang, (bis)
Pel'a Molimo o phelang. (ter)

3 Chaba li ema pel'a 'Moloki,
Libuka lia phetloa. Jo, lipaki!
Thothomelang, le tšohe Moahluli.
Lona bohle ba hanneng Molopolli.
tšohang, tšohang, le ahloloa (bis)
Ke Jesu kreste; Morena! (ter)

4 Na ke bo-mang ba latelang Jesu,
Ba robileng litlamo tsa lefu?
Ke ba hlotsoitseng liboko tsa bona,
Ba phekotsoeng maling a konyana.
Ba thabela leholimo, (bis)
Ba se ba filoe bophelo.(ter)

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

B

Bonang, oa tla, moloki oa batho