8.7.8.7.
1 Bolelang, taba tsa Jesu,
Tsebisang balahlehi,
Le tumise tsa topollo
E tletseng batho bohle.
Bolelang taba tsa hae,
Tumisang rato la hae.
Bolelang taba tsa Jesu,
Tumisang rato la hae.
2 Romelang mangosa hohle
A hase Lentsoe la hae;
Likhutlo le likhutloana
Li hlohome ka thabo.
Bolelang taba tsa Jesu…
3 Re tla pheta tsa topollo
E tlisitsoeng ke Jesu
Ho baetsalibe bohle
Ba ratang ho pholoha.
Bolelang taba tsa Jesu…
4 Re tla be re ba rapelle
Hore ba tsoe timeloeng;
Ba kene khanyeng e hlollang
Bophelong bo sa feleng.
Bolelang taba tsa Jesu…
