1 Batlang, le balisesise,
Lumelisisang;
Se kholoeng ke bo-ba-re,
Le ikholisiseng!
Hlobohang bokoala;
Le nyonye khoeela,
Moifo oa Morena,
Le be linatla!
2 Le ne le le lifofu
Le thotofetse,
Joale, kholoang ke Jesu
Ha le mo fumane!
Hlobohang bokoala,…
3 Le se keng la fokola
Leha le songoa;
Se keng la sinyeha,
Leha le tšoenyeha!
Hlobohang bokoala,…
4 Likhabane tse ngata
Ha li timela,
Li tšaba mokhathala,
Li balehela ntoa,
Hlobohang bokoala,…
5 Se loaning ka monyebe
Ntoa tsa Morena;
Makhotl'a lifotoane
Ke lefela-fela.
Hlobohang bokoala,…

(4 rating, 1 votes)