Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (1 rating, 1 votes)
Loading...

Baratuoa ba Jesu

1 Baratuoa ba Jesu, le luletse'ng fela?
Bonang,meriti e se e namile;
Haufi letsatsi le se l'ea likela;
Le lulutse'ng fela letsatsi lohle?
Lefatše lohle ke tšimo eso,
Mabele a s'a le matšo.
Bakotuli, se tsoafeng,
Kenang mosebetsing,
Lea bitsoa kajeno.

2 Kenang ka potlako, e s'e le bosiu,
Nako ea re feta, re se re rakoa;
Re itlhahaneleng, re qhitse khororo.
Oho, re khothaleng, morena oa tla.
Lefatše lohle ke tšimo eso…

3 Batlang fatšeng lohle bakhethoa ba Jesu,
Le qete linaha, metse, metsana;
Le bitse ba bacha, bana, le maqheku;
tšimong ea morena bang litema.
Lefatše lohle ke tšimo eso…

4 Baromuoa ba bang ba tšetse maoatle,
Ba tsoma mafatše,lihlekehleke;
Lipheletsong tsohle ba se ba fihlile,
tšimo ea morena ba se ba e likile,
Lefatše lohle ke tšimo eso…

5 Le lona kajeno le hlobohe botsoa,
Kenang le kotule, khoahlapisisang,
Marena, bafo,le bona ba basehla,
Bohle ke liqoapi tse qeneheloang.
Lefatše lohle ke tšimo eso…

6 Bonang hle mabele a se a senyeha,
A hloka matsoho a bakotuli;
Rapelang morena, a rome linatla,
Batho ba sebele le likhothali.
Lefatše lohle ke tšimo eso…

Leave a Reply

B

Baratuoa ba Jesu