6.6.6.6.8.8
1 Bakhethoa, tsohelang – Tsatsi la Morena;
Hlahisang ho eena – Pelo tse chesehang.
Tlong, re kopaneng kaofela – Ho mo roka ka lifela.
2 Tsatsing le leholo, – 'Moloki a tsoha;
Bitla la buleha, – La hloloa ke Jesu;
Balumeli ba thabile, – Lira tsona li soabile.
3 KItloseng molato – Oa letsatsi lena
Lentsoe la morena – Le isoe ho batho;
Baka sena ke sa pako, – Ke letsatsi la poloko.
