Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ba kae, ba kae bakotuli

1 ba kae, ba kae bakotuli
Har'a lona, balumeli?
Kenang tšimong ea morena,
Tlong, le kotule le lona.
Mabele a butsoitse,
A bile a oetse fatše.
Oho, nako ea feta!
Mafupu a tsoale litha!
Ea khanyang, leha a le mong,
Ho batho ba lahlehileng.
Ke naleli leholimong,
E khanyang, e sa likeleng.

2 O, potlakang balumeli,
Leha le se bakotuli;
Leha le re le fokotse,
Kenang, hle, le khoahlapise.
Inamang le thonake
Liqoapi, e 'ngoe le 'ngoe.
Ha le hloka lefupu,
Le ka thonaka lihlaku.
Ea khanyang, leha a le mong…

3 Bonang, ke lepotla-potla
Ha morena a laela;
Hohle bana ba molimo
Ba tsoile, ba tseka tšimo.
Ha Jesu a hlahloba
Mabele a hae lihlaba,
'Me teng le hloka lihlaku,
Jo, ho tla ba joang, ba heso
Ea khanyang, leha a le mong…

4 Bonang, tsatsi le sa le teng,
Kenang, kenang mosebetseng;
Batlang batho ka pheello,
Le ba khanne ka cheseho,
Ha le ntse le iketla,
Jo, balibe ba timela!
Ba baholo la bana
Ke mabele a morena.
Ea khanyang, leha a le mong…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

A

Ba kae, ba kae bakotuli