8.8.8.7.
1 Ke lesitsi, ke tla fela,
Ka lefuma ke tla ngosa;
Ha u mpitsa, ka lumela,
Konyana ea Molimo!
2 Ke mohloki, ke tla fela,
Ke tlisoa ke libe tsa ka;
Pheko ea tsona ke uena,
Konyana ea Molimo!
3 Ke thethetsoe, ke tla fela.
Le matsoalo a bohloko,
Ho kopane le ho tšaba,
Konyana ea Molimo!
4 Ke molapi, ke tla fela
Ke tlile khoreng ho uena;
A ke apesoe ho loka,
Konyana ea Molimo!
5 Ka teboho ke tla fela,
Rato la hao lea 'makatsa;
Ha ke falla, ke tla bona
Konyana ea Molimo!
