Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

A re tšabeng tsela e mpe

1 A re tšabeng tsela e mpe,
E tsamauoang ke ba babe,
E ba isang tahlehong;
A re keng re ba furalle,
Le mekhoa ea bona eohle
E hanoang leholimong.
Bana beso,
E be Jesu,
Re mo utloang,
Re mo ratang
Ka lipelo tse chesehang.

2 Ke een'a re lopolotseng,
Eena fela ea re shoetseng,
Re fihlele tšoarelo.
Re mohlape o baballoang,
Re linku tsee a lilisang,
Tse lisetsoang Molimo.
Bana beso,
Re mo utloang,
Re mo ratang
Ka lipelo tse chesehang.

3 Hase lerato le batang,
Ke lerato le chesehang,
Le mo isitseng lefung;
Mali a hae a lefile,
Rato la hae ale latile
Lineo leholimong.
Bana beso,
E be Jesu
Re mo utloang,
Re mo ratang
Ka lipelo tse chesehang.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

A

A re tšabeng tsela e mpe