Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (3 rating, 1 votes)
Loading...

Moren'a ka, lentsoe la hao

8.8.8.8.8.8

1 Moren'a ka, lentsoe la hao
Na ke tla le leboha ka'ng?
Le lokile, le molemo
Ho tsohle tse ka bolelong;
Theko ea lona e feta
Ea silevera le gauta.

2 Ho lon ke ntse ke bona
Lijo tsohle tse mphelisng;
Bese le loketseng bana
Bohobe bo 'matlafatsang.
Tse ling leha li ka ntena,
Nke ke ka tenoa ke lona.

3 Tseleng ea ka ke lebone
Le montšng hohle moo ke eang;
Seling la lona ke bone
Tse monate, tse nkhothatsang;
Teng ke bone ka tumelo
Tsa fatše lela la pallo

4 Ke lengolo le monate
Le tsoang mane leholimong,
Le ngoletsoe 'na ke Ntate.
O re ke kene bophelong.
Ka mehla ha ke le bala,
Pelo ea ka ea nyaroha.

5 Moren' ka, kea rapela
U nkekeletse mohau,
U 'neile Lentsoe lena,
U 'nee le Moea oa hao!
E be oona o ntemosang
Taba tsa lona tse hlollang.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Moren'a ka, lentsoe la hao