11.10.11.10.
1 ha ke fuputsa bukeng ea bophelo,
O Morena le Molimo oa ka!
U nthuse ka moea oa khalalelo,
Ke utloisise taba tsa eona.
2 Polelo tsa hao kaofela, Molimo,
O, ke tse hlabosehang hakaakang!
Li fetisa linotši ka molemo
Lipelong tsa ba li chesehelang.
3 Li fetisa hole le ka monate
Menono, menyaka e lefatšeng;
Tsena tsohle li tla fela kapele,
Empa tsa lentsoe ke tse sa feleng.
4 Ha ke san a ho hloloheloa tse ling;
Tsa hao, Morena, lia ntekana;
Ha ke mamela, ke kena leseling
Ke nka matla, ke thabela tsona
5 Morena, ke tsoa bala tsa Mangolo,
U nthuse joale ho li boloka,
Le ho etsa kamoo e leng tšoanelo,
Ke tle ke tsebe ho u tlotlisa,
6 E be tsona lebone maotong a ka,
Le mponesang kahohle moo ke eang;
E be seli le khanyang tseleng ea ka,
Le mpontšang le kamoo ke tsamaeang
