1 Le ntsoe la hao, 'Mueleli,
Ke le rutang tsa poelo;
Ke tšeliso, ke leseli,
Lipelong tsa ba le khalalelo. Bis
2 Ke lebese, ke bohobe;
U mph eke je ka tumelo;
Ke ntse ke lapile hobe,
Ke khore ka tsa bophelo
3 Lentsoe lena le mponese,
Le kene, le lule pelong;
Moe'a khanya, u ntemose
Tabeng tsohle tse Mangolong.
4 Ke neoe lehlohonolo,
Ke kutlo ea lentsoe lena,
Ke be ke bone phomolo
Leholimong, ho morena.
