1 Bahetene ba temela
Fatšeng lena le kahohle,
Ba hlokile ho lumela
Ea shoetseng lichaba tsohle, bis
2 Bakreste, le tla roma mang
Ho ba ruta evangeli?
Hape, ba eang bat la ea ka'ng
Ho ba isetsa leseli? Bis
3 See le se filoeng, ke Jesu
Le keng le ba nee sona;
Jesu o re: Ke ba heso;
Ha le ba fa, le ba fa le 'na. bis
4 Bakreste, se qeneheleng
Gauta, matla, le bophelo;
Le tla buseletsoa khanyeng
Tse le li ntšang ka tumelo. Bis
5 Oho, Moea oa Modimo,
U felehetse ba rongoang.
Tiisa lentsoe le molemo
Lipelong tsa ba le utloang. Bis
