1 Morena, u ba etele
Bana bohle ba lefifi
Leseli le ba chabele
Ka bophara ba lefatše
2 Bophelo ke uena fela,
Empa batho ha ba tsebe.
Ba lahlehetsoe ke tsela,
Ba khelositsoe ke sebe
3 Talima bomalimabe
Jo aba sa tsebeng thapelo;
U ba romele liabi
Tsa litaba tsa bophelo
4 Bahlanka ba botšepehi
Ba ke ba rongoe lichabeng,
Ho bolella balahlehi
Jesu e aba lopolotseng.
5 Moea o latela Lentsoe
Naheng tsohle mole rongoang;
Ha le setse le jaliloe,
E be oona o nosetsang.
6 U phakise u bokelle
Bao u ikhethetseng bona;
Re tla 'ne re ba rapelle;
U re utloe, Ntat'a rona!

(16 rating, 4 votes)