1 Akofa motho, u se re,
U tla hlalefa hosanna;
tšaba booatla le joale,
Ke nako ea ho hlafela.
2 Akofa, qela mohau,
se emele la hosanna
tšaba, ho ka hlaha lefu
tsatsi le e-s'o likele.
3 Akofa, u sokolohe,
Se bale tsatsi lesele;
Kajeno, khoro e butsoe
E ka koaloa hosasane.
4 Akofa, maling a thata
U itlhatsoe hona joale;
Hosasa, u ka fihlela
Tsela ea teng e thibane.
5 Morena,mo akofise,
Ngoana oeso oa lieha;
Jesu, u mo hlalefise,
A tl'a se ke a timela!
