1. Moruo wa lehodimo
O beetswe bana
Ba hlahiswang ho Modimo
Ba tshwaelwa oona.
2. Ngwana enwa wa Adama
O tswaletswe dibeng;
Jesu, o tle ho ama,
Mo hlatswe sedibeng.
3. Sediba ke madi a hao,
A lefang melato
Ya bohle ba tlotseng melao
Ya 'Mopi wa batho.
4. Nea ngwana eo matsatsi
Le lehlohonolo;
Mo hlekele mona fatshe
Tsela e bonolo.
5. Nea ngwana eo temoho,
Etlere h'a hotse,
A dumele ka teboho
Hoba o mo thotse.
6. o ngole lebitso la hae
Bukeng ya bophelo;
Mohla a shwang, a kene hae,
A pheme timelo.

(12 rating, 3 votes)