1 Ka dipelo tse monate,
Re roriseng Modimo Ntate,
Le bana bohle ba oona;
Re leboheng reko la hae,
Mosa le mohau o sa eeng kae;
A tumiswe har'a rona
Ho bokoe Morena
Ka letsatsi lena
Badumedi,
Re mameleng,
Re dumeleng
Lentswe la 'mopi wa rona.
2 Lesedi la hao le khanye,
'Me lentswe le re bonesetse
Ka Moya o halalelang.
'Nete tsa hao, tsa bophelo,
Di amoheloe ka tumelo
Pelong tse o chesehelang.
Tumelong ya 'nete
Re fihlele khotso
Re tlotlise
Bitso la hao,
Mong 'a mohau,
Ka tsohle tsee re di etsang.
