8.7.8.7.
1 Ka madi a hao a matle,
Le reko la hao, Jesu,
Ke fuwa ka nako tsohle
Pelo e ntle, e tshweo.
2 Se mpolelleng hle, baena,
Menyaka ya lefatshe;
Ya leng dintho tshohle ho 'na
Ke Jesu, een'a 'notshi.
3 Ha ke ne ke sa mo tsebe,
Ke ne ke ntse ke hlora
E thata joko ya sebe,
Ee ke neng ke e jara
4 Ke ne ke ntse ke phallela
Ditoro tse 'nyamellang,
Ha ke ne ke se na eena,
Jo, ke ne ke phela jwang?
5 Jesu, ha ke o fumane,
Na ke sa tla ya ho mong?
Maotong a hao ke bone
Tsohle tse ka nkhodisang
6 Ke ne ke tla khathetse,
Ke tsamaya ka dillo,
Empa o s'u nkhatholotse
Didibeng tsa nyakallo.
